Thabang Tsolo ke mongodi ya ngolang ka puo ya sesotho.Dingolwa tsa hae di fumaneha dibukeng tsa dithothokiso tsa The Sol Plaatje European Union Poetry Anthology tse phatlaladitsweng 2017,2019 le 2020.Hape o lahletse letsoho bukeng ya "I wish i did say"e phatlaladitsweng ke Avbob poetry.Ka selemo sa 2018 o ile a kgethwa ho ka phatlatsa ebook le bangodi ba bang,ke Via Afrika le WritePublishRead self publishing Assistant Programme.O ile a atleha ho phatlalatsa buka ya hae ya pele e leng "Mohlodi wa dithothokiso" Empa ha ho felle moo,sediba se sa kopotsa.Dikgomo"
Pale ena e hlahisa phephetso eo batswadi ba kopanang le yona ka malapeng, ha ba hudisa bana ba barwetsana le bahlankana. Bana ba bangata ba na le ho kgeloha ka lebaka la metswalle, ho sa kgathaletsehe hore ba hlaha malapeng a jwang kapa ba hudisitswe jwang. Ke tjena batswadi ba bangata ba seng ba na le ho kgethela bana ba bona metswalle. Hobane ba se ba hlokometse hore batjha ba hlolwa ke thotlolo, ebile ba rata setumo sa dintho tse hlokang molemo. Ba bang ba susumelletswa dinthong tse mpe ke ho batla hore ba seke ba shebahala eka ke dithotho, e hlahe e le ba bohlale le bona.
Tseko le yena o ile a iphumana a le ka hara mathata, a neng a le haufi le ho mo lahlela tjhankaneng dilemo. Ka lebaka la metswalle e sa lokang, eo mmae kgale a mo kgalemella ho tsamaya le yona. Empa ka lebaka la ho sa mamele o ile a fumana moputso wa hae, tseo ke ditlamorao tsa ngwana mahana a jwetswa.
Title : Ngwana mahana a jwetswa
EAN : 9798215127834
Publisher : Thabang Tsolo
The eBook Ngwana mahana a jwetswa is in ePub format
If you want to read on an e-reader from a different brand, check out our guide.
It may not be available for sale in your country, but exclusively for sale from an account domiciled in France.
If the redirection does not happen automatically, click on this link.
Log in
My account